Return   Facebook   Zip File

Obligatory

General

Bacha

Oho Molimo! Etsa hore mocha enoa a apareloe ke leseli, ‘me enoa ea fokolang abe matla! Mo abele tsebo ‘me U mo ekeletse matla a macha ka meso ea letsatsi le letsatsi. A tle a tsebe ho ba tlasa tšireletso le setšabelo sa thebe ea Hau, tšireletsong ho sebe sefe kapa sefe, ho sebeletsa Tumelo ea Hau, ho supisa bao ba khelositsoeng tsela, ho etella le bao ba fumanehileng, ho lokolla bao ba khapong kapa tlamong, ho tsosolosa bao ba mokhathaleng oa botsoafi, le ho thabisoa ke khopolo le monahano ka Uena! U Ea-Matla le Ea-Bohlale.

#6473
- `Abdu'l-Bahá

 

Bafu

Oho Molimo Oa ka! Oho Uena Motšoareli Oa libe! Seabi Sa limpho! Motlosi Oa matšoenyeho! Ka ‘nete, kea U rapela ho tšoarela libe tsa ba seng ba tlohetse kobo ena ea nama ‘me ba nyolohetse lefatšeng la moea. Oho Moren’aka! Ba hlatsoe litlolong, tlosa masoabi a bona, ‘me U fetole lefifi la bona leseli. Etsa hore ba kene serapeng sa nyakallo, ba hlatsoe ka metsi a hloekileng, ‘me U ba nehe ho bona khanya ea Hau thabeng holimo-limo.

#6457
- `Abdu'l-Bahá

 

Bana

Oho Molimo! Ruta bana bana. Bana ke limela tsa tšimo ea Hau, lipalesa tsa phula le serapa sa Hau. Ba nesetse pula ea Hau; ‘me letsatsi la ‘nete le ba chabele ka lerato la Hau. Ba ke ba hahloe ke moea o pholileng oa Hau, ho ba khatholla hore ba tle ba rutehe, ba hole, ‘me ba tiee, ba shebahale ba hloekile. U Mofani! U Mosa.

#6455
- `Abdu'l-Bahá

 

Batsoali

Oho Uena Moren’a Matl-ohle, Tšenolong ena e kholo U amohela thapeli ea bara le barali e etsoang bakeng sa batsoali ba bona. Eena ke e ‘ngoe ea likabelo tse senang pheletso tsa Tšenolo ena. Ka baka leo, Oho Uena Ea Matla-ohle le Ea Molemo, Ak’u Amohele kopo ea enoa mohlanka oa Hau ea lebaleng la Bonngoe ba Hau. U mpe U ine ‘me le ntate leoatleng le Mohau oa Hau, kaha enoa mora

oa Hau o raohetse ho U fa bosebeletsi le ho ikitlaetsa ka nako tsohle tseleng ea lerato la Hau. Ruri ke Uena Mofani, Motsoareli le Mohauheli.

#6466
- `Abdu'l-Bahá

 

Hoseng

Ke tsohile tšireletsong Ea Hau, Oho Molimo Oa ka, ‘me ke se lokelang mang le mang ea batlang tšireletso ea Hau ho hlola ka har’a sehalalelo le qhobosheane tsa tšireletso ea Hau. Oho Moren’aka, bonesa bonna bo kahare ka botle ba ho hlaha ha letsatsi la tšenolo ea botle ba Hau, joaleka ha U ile Ua bonesa sebopeho sa ka ka leseli la hoseng la molemo oa Hau.

#6461
- Bahá'u'lláh

 

Khutso

Bopa kahare ho ‘na pelo e hloekileng,Oho Molimo Oa ka; ‘me U nchafatse letsoalo le khutsitseng kahare ho ‘na, Uena tšepo E aka! Ka moea oa matla ntsiise Tseleng ea Hau, Oho Moratuoa Ea ratehang, ‘me ka leselila khanya ea Hau U ntšenolele Tsela Ea Hau, Oho Uena Sepheo sa takatso ea ka! Ka tšusumetso ea matla a Hau a fetang tsohle mphahamise U ‘nyollele leholimong la Hau la khalalelo, Oho ‘Mopi Oa ka, ‘me kamoea o pholileng oa bosafeleng ba Hau U nthabise, Oho UenaU leng Molimo Oa ka! Oho Motsoalle Oa ka, etsa hore bosafeleng ba meloli ea Hau bo mpululele khutso le matlotlo a lerato la Hau la mohla monene a ntokolle linthong tsohle haese Uena feela, Oho Monghali Oa ka, ‘me U etse hore liataba tsa Tšenolo ea matla maholo a Hau a ke keng a silafatsoa li ntlisetse thabo, Oho Uena Ea phatlalalitsoeng hofeta tsohle tse phatlalalitsoeng, le Ea sephering ho feta tsohle tse sephiring!

#6470
- Bahá'u'lláh

 

Oho Molimo! Oho Molimo! Enoa mohanka oa Hauk e nonyana-ea-serobeha-lepheo, ‘me ho fofa ha hae hoe a fokola—Mo thuse hore a rurele tlhorong ea katleho le polokeho, Mo fufisetse hohle sebakeng se senang meeli a tletse thabo le nyakallo e khaphatsehang. Phahamisa meloli ea hae ka Lebitso la Hau Le Lehlohonolo likarolog tsohle, nyakallatsa litsebe ka pitso ea hae ‘me U bule mahlo ka ho bona matšoao a tataiso!

Oho Morena! Ke mong, ke inoosi, ‘me ke ea ikokobelitseng. Ha ke na motšehetsi haese Uena feela, ha ho mothusi ntle ho Uena. Ntiise tšebeletsong ea Hau, nthuse ka makhotla a mangeloi a maholimo,’nehe katleho morerong oa ho nyalanya Lentsoe la Hau, ‘me U ‘nehe hore ke bolele mahlale a Hau har’a libopuoa tsa Hau.

Ka sebele, U Motšireletsi oa mafutsana le oa ba banyenyane, ‘me kasebele U Ea-Matla, E-Moholo le Ea-Lokolohileng.

#6471
- `Abdu'l-Bahá

 

Kopano

Oho Molimo oa ka! Oho Molimo oa ka! Kopanya lipelo tsa bahlanka ba Hau, ‘me U ba senolele sepheo sa Hau se seholo. Ba ke ba latele litaelo tsa Hau, ‘me ba hlole molaong oa Hau. Oho Molimo, ba thuse boitekong ba bona, ‘me U ba fe matla a ho U sebeletsa. Oho Molimo, U se ke oa ba furalla, U mpe U tsamaise maoto a bona leseling la tsebo ea Hu, ‘me U khothatse lipelo tsa bona ka lerato la Hau, ka ‘nete U Mothusi le Moren’a bona.

#6472
- Bahá'u'lláh

 

Leeto

Ke tsohile hosing ha kajeno ka lereko la Hau, Oho Molimo Oa ka, ‘me ka foralla lehae la ka ke behile Tšepo eehle ea kaho Uena, ke bile ke ipehile tlhokomelong ea Hau. Romela joale, holim’a ka ho tsoa maholimong a khahuhelo ea Hau, mahlohonolo a tsoang ho uena, U nketse hore ke boele hae ka polokeho joaloka ha U nile Ua ntumella ho kena leetong ke le tlas’a tšireletso ea Hauk a maikutlo a tsepameng ka tie oho Uena.

Ha ho Molimo o mong kantle ho Uena, Ea Mong, Ea ke keng a bapisoa, Ea Tsebo Eohle, Ea Bohlale Bohle.

#6460
- Bahá'u'lláh

 

Lichaba tsa lefatše

Oho Uena Morena Ea Moa! Ke Uena Ea bopileng batho bohla kaofela batsoaling ba le bang ba pele. U rerile hore bohle e be ba ntlo e le ‘ngoe. Ka pele ho Uena Ea halalelang, bohle ke bank aba Hau, ‘me lichaba tsohle li tlas’a tšireletso ea Tabernekel Ea Hau; bohle ba phuthehile Tafoleng Ea Limpho tsa Hau. Bohle ba phatsima ka leseli la pheliso ea Hau.

Oho Molimo! U mosa ho bohle, U lokiselitse bohle, U tšireletsa bohle, bohle U ba fa bophelo. U abetse bohle litalena le kelello; bohle ba qoetse bolibeng ba mohau oa Hau.

Oho Uena More Ea Mosa! Ba kopanye bohle. Etsa hore litumelo li lumellane, ‘me U etse hore lichaba e be ntho e le ‘ngoe hore e tle e ke mofuta o le mong, le ban aba naha e le ‘ngoe. Ba ke ba be le kopano le kutloano.

Oho Molimo! Hloma bonngoe ba batho bohle ba lefatše.

Oho Molimo! Theha Khotso E Kholo-Kholo. Rokahanya lipelo ‘moho, Oho Molimo!

Oho Uena Ntate Ea Mosa, Molimo! Nyakalatsa lipelo ka monko o monate oa lerato la Hau; elisa mahlo ka leseli la tataiso ea Hau; thabisa litsebe tsa rona ka meloli ea lentsoe La Hau ‘me U re sireletse lehaheng la poloko ea Hau.

U Ea Matla le Senatla, U Ea Tšoarelang hap eke Uena Ea Iphapanyetsang mefokolo ea batho.

#6462
- `Abdu'l-Bahá

 

Meso

Oho Molimo Oa ka le Monghali Oa ka!Ke mohlanka oa Hau le mor’a mohlanka oa Hau. Ke tsohile liphateng tsa ka hosong hona ha Mphatlalatsane ea bonngoe ba Hau e chaba e hlaha Ntsoana-Tsatsi ea thato ta Hau ‘me e khantšetsa lefatše lohle holatela kamoo ho laotsoeng ka teng Libukeng tsa Taelo Ea Hau. Poko e isoe ho Uena, Oho Molimo Oa ka, ha re lemohile makhabane a leseli la tsebo ea Hau.

Romela holim’a rona he, Oho Moren’a ka se tla re thusa ho ikarohanya le bohle haese Uena feela, ‘me re khaohane le ntho tsohle haese Uena feela. Ngola U re abele tse molemo tsa lefatše lena le le tlang; U abele ‘na le baheso le bao e leng ba bohlokoa ho ‘na, banna le basali ka ho tšoana. U re tšireletse ka tšireletso ea Hau e sa fanyeng, Oho Uena Moratuoa Oa tlholeho eohle le Takatso Ea libopuoa tsohle ho bao U ba entseng liponahatso tsa mosebi ea khopo, ea sebang ka lifubeng tsa batho. U matla ho etsa thato ea Hau. Rurik e Uena Ea Matla-Ohle, Mothusi Litlokotsing, Ea Iphelisang.

Oho Morena Molimo Oa ka,hlohonolofatsa Eo U Mo phahamisitseng holim’a mabitso a Hau a khethehileng haholo-holo, ‘me Eo ka Eena U khethileng batho ba nang le Molimo ho bakhopo,hape U re thuse ka mosa oa Hau hore re etse seo U se ratang. Ho feta moo, Oho Molimo oa ka hlohonolofaletsa Bao E leng litlhaku tsa Hau le Mantsoe A Hau le ba retelehelitseng lifahleho tsa bona ho Uena, ba talimileng sefahleho sa Hau ‘me ba mametse Pitso Ea Hau. Ruri ke Uena Morena le Monghali Oa batho, ‘me U na le matla holim’a ntho Tsohle.

#6456
- Bahá'u'lláh

 

Motlosi oa mathata

Na O teng ea ka tlosang mathata afe kapa afe haese Molimo feela na? E re: Ho rorisoe Molimo! Ke Eena Molimo! Bohle ke bahlanka ba Hae, ‘me bohle ba tlas’a taolo ea Hae.

#6468
- The Báb

 

Motšeare o moholo

Kea paka, Oho Molimo oa ka, hore U ntlholile ho U tseba le ho U sebeletsa, Kea paka hona joale hore kea fokola ‘me U matla, hore ke mofutsana ‘me U morui.

Ha ho Molimo O mong kantle ho Uena, Mothusi litlokotsing, Ea-Phahametseng Tsohle.

#6463
- Bahá'u'lláh

 

Nchafatso

Oho Molimo! Nchafatsa U thabise moea oa ka. Hloekisa pelo e aka. Chabisa kelello ea ka. Tsohle tsa ka ke li sia matsohong a Hau. Ke Uena Motataisi oa ka le Setšabelo s aka. Ha ke sat la hola ke sareloa le ha e le ho sithabela; ke tla thaba ke nyakalle. Oho Molimo! Ha ke sat la hola ke touta, le ha ele honaho lamella matata ho ntlhoa holimo. Ha ken a ho pheellaho nahana ka tse bohloko tsa bophelo bona. Oho Molimo! U mosa ho ‘na hofeta kamoo ke leng ka teng. Ke itella Uena, Oho Morena.

#6469
- `Abdu'l-Bahá

 

Phirimana

Oho Molimo Oa ka, Monghali Oa me, Sepheo sa takatso ea ka! Enoa mohlanka oa Hau o kopa ho robala qhobosheaneng ea Hau, le ho phomola tlas’a leholimo la khanya ea Hau, matleng le tšireletsong ea Hau. Kea u rapela, Oho Morena, ka leihlo la Hau le sa robaleng, ho lisa mahlo a ka ho se bone letho haese Uena feela. A matlafatse joale hore a bone matšoao a Hau, ‘me a lebelle ho chaba ha Tšenolo ea Hau. Ke Uena eo ka baka la Tsebo Eohle le matla a Hau Litšenolo tsohle tsa Hau li ileng tsa thothomela. Ha ho Molimo o mong kantle ho Uena, Ea-Matla Ohle, Mookameli, Oa boemo bo sa fetoheng.

#6464
- Bahá'u'lláh

 

Pholiso

Lebitso la Hau ke pheko ea ka, Oho Molimo oa ka, ‘me khopolo ea Hau ke sehlare sa ka. Ho ba haufi le Uena ke tšepo ea ka, ‘me lerato la ka ho Uena ke molekane oa ka. Mosa oa Hau ke thatho le mothusi oa ka lefatšeng lena le le tlang. Ke Uena ruri, Ea-Mosa Kamehla, Ea-Tsebang Tsohle, Ea-Bohlale.

#6459
- Bahá'u'lláh

 

Poko le teboho

Ho tlotlisoe Lebitso La Hau, Oho Molimo Oa ka! Ke Uena Eo lintho tsohle li U rapelang Le Ea sa rapeleng letho, Eo E leng monghali oa lintho tsohle le Eo e seng mohlanka le hoa e le ‘ngoe ea tsona. Ea tsebang lintho tsohle le E oho seng letho le Mo tsebang. U ratile ho itsebisa batho; ‘me la lebaka leo, U hlahisitse tlholehong tsohle tse teng ka lentsoe la molomo oa Hau; ha ho Molimo o mong kantle ho Uena, Moqapi, E Moholo, le Ea Matla ka ho fetesisa.

Kea U rapela, ka baka la lona lentsoe len le khantseng holim’a ho chaba ha thato ea Hau, ho nthusa ho noa ka botebo metsi a phelang ao ka oona U hloekisitseng bakhethoa ba Hau ‘me Ua tsosa meea ea bohle ba U ratang,e le hore le ‘na ka nako tsohle le boemong bo fe le bo fe, ke tle ke retelehetse sefahleho s aka ho Uena.

Ke Uena Molimo Ea Matla, Oa Khanya le Mohau. Ha ho Molimo o mong haese Uena feela, ‘Musi Oa tsohle, Ea Khanyang, Ea Tsebang tsohle.

#6465
- Bahá'u'lláh

 

Thuso

Oho Morena, Molimo oa ka! Thusa baratuoa ba Hau ho tiea Tumelong, ea Hau, ho tsamaea Tseleng ea Hau, ho tiea Tseleng ea Hau. Ba abele mosa oa Hau ho hlola liteko tsa nama le bobe, ho latela leseli la tataiso ea khalalelo ea Hau. Ke Uena Ea-Matla, Ea-Mosa, Ea-Iphilisang, Seabi, Ea-Kutloelo-Bohloko, E Moholo-holo, Ea Khauhelo Eohle

#6454
- `Abdu'l-Bahá

 

Tšireletso

Oho Molimo, Molimo oa ka! Tšireletsa bahlanka ba Hau ba tšepehang bobeng ba bo-‘na le litakatsong tse mpe, ba tšireletse ka leihlo la Hau la lerato le mosa boiphetetsong, tlhoeong le mohonong, ba boloke setšabelong se sa sisinyeheng sa tsela ea Hau le tšireletsong ea ho qeaqea, ba etse liponahatso tsa matšoao a khanya ea Hau. Elisa lifahleho tsa bona ka mahlaseli a tsekemang a tsoang Mohloling oa khalalelo ea Bonngoe ba Hau, thabisa lipelo tsa bona ka litemana tse senotsoeng ‘Musong oa Hau O Halalelang, matlafatsa matheka a bona ka matla a Hau a hlollang a tsoang khanyeng ea Hau. Ke Uena Ea-Mohau ka hofetisisa, Motšoareli, E Moholo, ea Molemo.

#6467
- `Abdu'l-Bahá

 

Tsoarelo

Ke ‘na Oho Morena, ea behileng sefahleho sa ka ho Uena, ea tiisitseng tšepo ea hae holim’a limakatso tsa khanya ea Hau. Kea U rapela hore U se nkutloise bohloko ka ho nkhutlisa ke soabile mosikong oa mohau oa Hau kapa ho ntlohella libupuoa tsa Hau tse seng li koenehetse tšebetso ea Hau.

Ke mohlanka oa Hau, Oho Molimo, le mor’a mohlanka oa Hau. Ke amohetse ‘nete ea Hau matsatsing a Hau le ho lebisa bohato ba maoto a ka mabopong a bonngoe ba Hau, ke lemoha kopano ea Hau ‘me ke tšepa tšoarelo le topollo ea Hau. U matla ho pheta seo U se ratang; ha ho Molimo O mong kantle ho Uena, Ea-Khanyang ka hohle, Ea-Tšoarelang-Kamehla.

#6458
- Bahá'u'lláh

 

Occasional

Tablets