Return to BahaiPrayers.net
Facebook
Oho Molimo, Molimo oa ka! Tšireletsa bahlanka ba Hau ba tšepehang bobeng ba bo-‘na le litakatsong tse mpe, ba tšireletse ka leihlo la Hau la lerato le mosa boiphetetsong, tlhoeong le mohonong, ba boloke setšabelong se sa sisinyeheng sa tsela ea Hau le tšireletsong ea ho qeaqea, ba etse liponahatso tsa matšoao a khanya ea Hau. Elisa lifahleho tsa bona ka mahlaseli a tsekemang a tsoang Mohloling oa khalalelo ea Bonngoe ba Hau, thabisa lipelo tsa bona ka litemana tse senotsoeng ‘Musong oa Hau O Halalelang, matlafatsa matheka a bona ka matla a Hau a hlollang a tsoang khanyeng ea Hau. Ke Uena Ea-Mohau ka hofetisisa, Motšoareli, E Moholo, ea Molemo.
- `Abdu'l-Bahá